Tite 3 BIBELE (SSO89SO)

Tiisetsa mesebetsing e metle

1. Hopotsa batho hore eka kgona ba ikokobeletse babusi le ba neilweng matla, ba ba mamele, ba itokisetse mesebetsi yohle e lokileng.

2. Ba se nyefole motho, ba se rate ntwa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle.

3. Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane.

4. Empa yare mohla ho bonahalang molemo wa Modimo, Mopholosi wa rona, le lerato la hae ho batho,

5. a re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.

6. Moya oo Modimo o o theoletse hodima rona ka bongata, ka Jesu Kreste Mopholosi wa rona,

7. e le hore, ha re se re lokafaditswe ka mohau wa hae, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, boo re bo tshepileng.

8. Lena ke lentswe la nnete. Nka rata hore ho tsena o se ke wa thekesela, e le hore bohle ba tshepang Modimo ba ikemisetse ho thahasella mesebetsi e metle. Hona ho hotle, mme ke thuso ho batho.

9. Ha e le dikgang tsa bothoto, le ditaba tsa meloko ya baholoholo, le diqabang, le ditsekisano ka tsa Molao wa Moshe, o di sesefe. Tse jwalo ha di na thuso, ke tsa lefeela.

10. Ya bakang dikarohano o mo kgalemele hanngwe kapa habedi, ebe o kgaohana le yena.

11. Tseba hore ya jwalo o senyehile, ke moetsadibe, o se a ikahlotse.

Ditaelo tse newang Tite le ditumediso

12. Ha ke romela Aretemase kapa Tikikose ho wena, o potlakele ho tla ho nna mona, Nikopolese, hobane ke hopotse ho qeta mariha teng.

13. Hape o potlakele ho thusa Senase le Apolose leetong la bona, ba se ke ba haellwa ke letho.

14. Bana babo rona ba ke ba ithute ho thahasella mesebetsi e metle, ba tle ba thuse moo ho hlokahalang teng, esere ya eba batho ba se nang thuso.

15. Bohle bao ke nang le bona ba a o dumedisa. Le wena o dumedise bao e leng metswalle ya rona ka baka la tumelo.Mohau o ke o be le lona bohle.