1. Nna Paulosi, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ke tshwanetse ho thusa bakgethwa ba Modimo ho dumela le ho tseba nnete e isang bodumeding,
2. e re neang tshepo ya bophelo bo sa feleng. Modimo ya sa thetseng o re tshepisitse bophelo bona, mehla e eso be teng.
3. Ka nako ya teng a senola molaetsa wa hae, oo ke tshepetsweng ho o phatlalatsa ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona.
4. Ke a o dumedisa Tite, ngwanaka wa sebele tumelong, eo rona le wena re nang le yona, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Mopholosi wa rona, di ke di be le wena.
5. Ke o siile Kerete ho qetela ho hlophisa tse saletseng, le ho bea baholo motseng o mong le o mong, ho ya kamoo ke o laetseng kateng.
6. E mong le e mong wa bona e be motho ya sa nyatseheng, monna ya nang le mosadi a le mong; bana ba hae e be badumedi, e se be batho ba hlaha, ba sa mameleng ho hang.
7. Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano.
8. Empa a thabele baeti, a rate tse lokileng, a be sedi, a loke, a halalele, mme a be le boitshwaro.
9. A kgomarele molaetsa wa sebele, o dumellanang le tseo a di rutilweng. Ka hona a ka tseba ho kgothatsa ba bang ka thuto ya nnete, le ho nyatsa ba e hanyetsang.
10. Ho na le ba bangata ba itaolang, ba thetsang ba bang ka dipuo tsa bosawana, haholoholo hara Bajuda ba sokolohileng.