Sofonea 3:9-20 BIBELE (SSO89SO)

9. Mohlang oo ke tla fedisapuo tse mpe tsa ditjhaba,bohle ba tle ba ipiletse ho Morena,ba mo sebeletse ba le ntsweleng.

10. Ho tloha ka nqaneho noka ya Kushe,tjhaba sa ka se qhalakanengse tla nkgumamela,se ntlisetse dinyehelo.

11. Mohla tsatsi leoha o na ho ba dihlongka baka la ho ntshitelwa ha hao.Ba ithorisang ka boikakaso ba haoke tla ba fedisa kahare ho wena;o ke ke wa hlola o ikgohomosa,o le thabeng ya ka e halalelang.

12. Tjhaba se mosa, se ikokobetsang,se tla o salla se ntse se phela,se ntse se phela, se tshepile Morena.

13. Masalla a Iseraelea ke ke a etsa bokgopo,leha e le hona ho bua mashano;a ke ke a thetsa ka maleme a wona.Masalla ao a tla fula, a bothe,ho se na ya ka hlolang a atshosa.”

14. Wena Moradi wa Sione, bina haholo!Wena Iseraele, howeletsa haholo!Wena Moradi wa Jerusalema,thaba haholo,ka pelo ya hao yohle,nyakalla haholo!

15. Morena o fedisitse kahlolo ya hao,o timeditse le tsona dira tsa hao.Morena, Kgosi ya Iseraele,o na le wena,ha o ka ke wa tshoha koduwa.

16. Mohla tsatsi leoba tla re ho Jerusalema:“Wena Sione, o se ke be wa tshaba,matsoho a hao a fele a tiye!

17. Morena Modimo wa hao,o na le wena,ke senatlahadi se tla o lwanela.O tla o thabela ka nyakallo,a o rate ka lerato la sebele,a howeletse,a o hlabele medidietsane,a e hlabesa mohla tsatsi la mokete.”

18. “Ke tla phuthaba neng ba llela mekete,ba llela mekete e halalelang,e leng ba neng ba le hole,hole le wena,ba neng ba jere sekgobo sa hao.

19. Mohla tsatsi leo ke tla otla,ke otle bohle ba o hateletseng;ke tla pholosa ba holofetseng,ke phuthe ba neng ba qhalakane.Hohle moo ba nengba tlontlolotswe teng,thabo le tlotla di tla ba aparela.

20. Mohla tsatsi leoke tla le kgobokanya,ke le kgobokanye, le kgutlele hae.Thabo le tlotla di tla le aparela,le le hara tjhaba tsohle tsa lefatshe,mohla ke le kgutlisetsangha habo lona,ke le kgutlisa le ntse le tadimile,”ho rialo Morena.

Sofonea 3