7. Ka na ka buaho baahi ba motse, ka re:<Ruri le sa tla be le ntlhomphe,le qetelle le mametse kgalemo ya ka,e le hore leaho la lona le se ripitlwe,le kahlolo tsa kadi se le wele hodimo.>Empa ba nna ba hahamala,ba hahamala ho ya pele,ba eketsa ketsotse bodileng tsa bona.
8. Kahoo nkemeleng,”ho rialo Morena,“le nkemele ho fihlela ha ke le qosa.Ke na le morerowa ho phutha ditjhaba,wa ho di phutha le mebuso ya tsona,ke hlatsetse kgalefo ya kahodima tsona,e leng bohale ba kabo tukang malakabe.Lefatshe lohlele tla timetswa ka mollo,ka mollo wa kgalefo ya kaya ho boulela.
9. Mohlang oo ke tla fedisapuo tse mpe tsa ditjhaba,bohle ba tle ba ipiletse ho Morena,ba mo sebeletse ba le ntsweleng.
10. Ho tloha ka nqaneho noka ya Kushe,tjhaba sa ka se qhalakanengse tla nkgumamela,se ntlisetse dinyehelo.
11. Mohla tsatsi leoha o na ho ba dihlongka baka la ho ntshitelwa ha hao.Ba ithorisang ka boikakaso ba haoke tla ba fedisa kahare ho wena;o ke ke wa hlola o ikgohomosa,o le thabeng ya ka e halalelang.
12. Tjhaba se mosa, se ikokobetsang,se tla o salla se ntse se phela,se ntse se phela, se tshepile Morena.
13. Masalla a Iseraelea ke ke a etsa bokgopo,leha e le hona ho bua mashano;a ke ke a thetsa ka maleme a wona.Masalla ao a tla fula, a bothe,ho se na ya ka hlolang a atshosa.”
14. Wena Moradi wa Sione, bina haholo!Wena Iseraele, howeletsa haholo!Wena Moradi wa Jerusalema,thaba haholo,ka pelo ya hao yohle,nyakalla haholo!
15. Morena o fedisitse kahlolo ya hao,o timeditse le tsona dira tsa hao.Morena, Kgosi ya Iseraele,o na le wena,ha o ka ke wa tshoha koduwa.
16. Mohla tsatsi leoba tla re ho Jerusalema:“Wena Sione, o se ke be wa tshaba,matsoho a hao a fele a tiye!
17. Morena Modimo wa hao,o na le wena,ke senatlahadi se tla o lwanela.O tla o thabela ka nyakallo,a o rate ka lerato la sebele,a howeletse,a o hlabele medidietsane,a e hlabesa mohla tsatsi la mokete.”