1. O madimabe motse wa Jerusalema,motse wa batlatlapi,motse wa bafetohedi o silafetseng!
2. Motse ona ha o mamele keletso,kgalemelo le yona ha o e amohele;esita le Morena ha o mo tshepe,ha o ikatametse ho Modimo wa wona.
3. Mahosana a wonake tau tse purumangbaahlodi ba wonake phiri tse jang bosiu,ere bo esa di be di jele di qetile.
4. Baporofeta ba wona ke baikakasi,ke banna ba tletseng bolotsana;baprista ba wonaba silafaditse Sehalalelo,molao le wona ba ba ba o tlola.
5. Ho loka ha Morenaho teng motseng ona,ha a ka ke a etsa bokgopo ba letho.Kamehla ha ho esa o diha kahlolo,kamehla ha bo esa ha a fose,empa ya kgopoha a hlajwe ke dihlong.
6. “Matjhaba wohle ke a timeditse,qhobosheane tsa wona ka di heletsa.Diterata tsa wona di setse feela,ha ho le ya mongya tsamayang ho tsona.Metse ya tsona yohle e ripitlilwe,ha ho sa na le motho,ha ho sa na moahi.
7. Ka na ka buaho baahi ba motse, ka re:<Ruri le sa tla be le ntlhomphe,le qetelle le mametse kgalemo ya ka,e le hore leaho la lona le se ripitlwe,le kahlolo tsa kadi se le wele hodimo.>Empa ba nna ba hahamala,ba hahamala ho ya pele,ba eketsa ketsotse bodileng tsa bona.