6. Batho banake ba furaletseng Morena,ba mo furalla, ba se ke ba mmatla,leha e le hona ho ipiletsa ho yena.
7. Kgutsang ha le le kapele ho Morena,kapele ho Morena Modimo,hobane tsatsi la Morena le atametse.Morena o sa lokisitse sehlabelo,le bamemuwa ba haeo sa ba kgethile.
8. Mohla Morena a etsang sehlabelo,ke tla otla mahosanale bara ba kgosi,le bohle ba apereng meaparo esele.
9. Mohla tsatsi leo ke tla otla,ke otle ba sa hatengkosene ya monyako,ke otle ba tlatsangntlo ya mong bona,ba e tlatseka tse hapilweng ka dikgoka,ba e tlatseka tse hapilweng ka bolotsana.
10. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“mokgosi o tla utlwahalaMonyakong wa Ditlhapi,seboko se utlwahalese etswa motsemotjha,le modumo o moholoo utlwahale maralleng.
11. Bokollang, lona ba ahilengtlase ho motse,hoba bahwebi bohle ba lonaba tla fediswa,bohle ba ananyang ka sileferaba timetswe.
12. Ka nako eoJerusalema ke tla e lekola,ke e lekoleke e kgantshitse ka mabone;ke otle bohle ba dutseng ba iketlile,ba kang maritsa a veine a qitile,ba duletseng ho bua ka pelo, ba re:<Morena a ke ke be a etsa letho,a ke ke be a etsa botleleha e le bobe.>
13. Matlotlo a bona a tla lobelwa,matlo a bona a heletswe,e be masupi.Matlo a bona wona ba tla a haha,empa ha ba ka ke ba dula ho wona;morara le wona ba tla o hloma,empa veine ya wonaha ba ka ke ba e nwa.”