14. “Tsatsi le leholo la Morenale atametse, le tla le potlakile,Utlwang, tsatsi la Morena ke leo!Mohlabani o tla howa a se na tshepo.
15. Tsatsi leo ke tsatsi la kgalefo,ke tsatsi la tlokotsi le la mahlomola,ke tsatsi la timelo le la tshenyeho,ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana,tsatsi le phetheselang maru,maru a matshomatsho!
16. Ke tsatsi la lenaka ho houtsa,ke tsatsi la mokgosi wa ntwa,ke tsatsi la ho futuhela metse,la ho futuhela marako,marako a tshireletso!
17. Ke tla bakela batho mahlomola,tsela ba e phopholetse sa difofu,hoba ba entse sebe,ba sitetswe Morena.Madi a bonaa tla tsholoha sa lehlabathe,mala a bonaa petletsehe sa bolokwe.
18. Mohla tsatsi leola kgalefo ya Morena,silefera ya bona,esita le yona kgauta,tsena ha di ka ketsa tseba ho ba pholosa.Kgalefo ya Morenae tukang malakabe,e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle.Baahi bohle ba lefatsheo tla ba timetsa,a ba timetse hang,ka ho panya ha ntshi.”