1. Mehleng ya puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Sofonea, mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedaleya, Gedaleya ya tswalwang ke Amariya, Amariya ya tswalwang ke Hesekiya.
2. “Tsohle tse lefatshengke tla di fedisa,”ho rialo Morena.
3. “Ke tla timetsa batho,ke timetse diphoofolo,ke timetse nonyanatse fofang sepakapakeng,ditlhapi tsa lewatlele tsona ke di timetse.Ke tla fedisa dikgopisommoho le ba kgopo,batho bohle lefatshengle bona ke ba timetse,”ho rialo Morena.
4. “Ke tla otlolla tsoho la ka,ke le otlollele hodima Juda,ke le otlollele le hodima Jerusalema.Masalla wohle a Baale ke tla a fedisa,ke a fedise sebakeng sena,le baprista ba bohata ke ba fedise;
5. bona ba obamangba le hodima matlo,bona ba obamang,ba kgumamela dinaledi,ba kgumamela kgwedi,ba kgumamela letsatsi,bona ba obamang,ba hlapanye ka bitso la Morena,empa ba ntse ba hlapanyale ka Milekome.
6. Batho banake ba furaletseng Morena,ba mo furalla, ba se ke ba mmatla,leha e le hona ho ipiletsa ho yena.
7. Kgutsang ha le le kapele ho Morena,kapele ho Morena Modimo,hobane tsatsi la Morena le atametse.Morena o sa lokisitse sehlabelo,le bamemuwa ba haeo sa ba kgethile.
8. Mohla Morena a etsang sehlabelo,ke tla otla mahosanale bara ba kgosi,le bohle ba apereng meaparo esele.
9. Mohla tsatsi leo ke tla otla,ke otle ba sa hatengkosene ya monyako,ke otle ba tlatsangntlo ya mong bona,ba e tlatseka tse hapilweng ka dikgoka,ba e tlatseka tse hapilweng ka bolotsana.
10. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“mokgosi o tla utlwahalaMonyakong wa Ditlhapi,seboko se utlwahalese etswa motsemotjha,le modumo o moholoo utlwahale maralleng.
11. Bokollang, lona ba ahilengtlase ho motse,hoba bahwebi bohle ba lonaba tla fediswa,bohle ba ananyang ka sileferaba timetswe.
12. Ka nako eoJerusalema ke tla e lekola,ke e lekoleke e kgantshitse ka mabone;ke otle bohle ba dutseng ba iketlile,ba kang maritsa a veine a qitile,ba duletseng ho bua ka pelo, ba re:<Morena a ke ke be a etsa letho,a ke ke be a etsa botleleha e le bobe.>