4. Ha moratuwa a tshwara lemati,a le tshwara ho bula,pelo ya ka e a thanyaha ke mo hopola.
5. Ka tsohaho bulela moratuwa monyako,mmira o rotha matsohong a ka,menwana le yona e rotha mmira,ha ke tshwara mohele wa lematike bula.
6. Moratuwa wa kaka mmulela monyako,athe moratuwa o sa fetile, a ile.Ha a bua ka kgathala matla,ka mmatla, ka se ke ka mo fumana,ka mmitsa, empa a se ka nkaraba
7. Balebedi ha ba pota le motseba mphumana,ba nteteka, ba ntlatsa matoma;balebedi bao ba hodima marako,ba ntlhotholotsa seaparo sa ka!
8. Lona baradi ba Jerusalemake a le laya:Ha le fumana moratuwale tla reng ho yena?Mmolelleng hore rato lenale a nkudisa.
9. Moratuwa wa haoo feta ba bang ka eng,wena Seilatsatsihara basadi ba bang?Moratuwa wa haoo feta ba bang ka eng,hoo o ka re layangka mokgwa o tjee?
10. Moratuwa o leredi,madi a thopohetse letlalong,ke yena pabalahara ba kete di shome;
11. hlooho ya haee ka kgauta e hlwekisitswe,moriri o ririetse,o motsho sa mokgwabane.
12. Mahlo a hae a mapudutswana,sa maebana-kgorwana a dinokana,a dutse pela metsie ka a hlatswitswe ka lebese.
13. Marama a haea ka rapa se metse dinoko,rapa sa ditlamadi le monko o monate;melomo ya haee ka mehaladitwe,mehaladitwee rothang lero la mmira.
14. Matsoho a haea ka meholoko ya kgauta,meholoko e kgabisitswengka lejwe la Tarashishe;mmele wa haeo benya sa manaka a tlou,manaka a tloua kgabisitswe ka disafire.
15. Tlhafu tsa haedi tshwana le tshiya tsa mahakwe,tse hodima tshehetso tsa kgautae hlwekisitswe;bopeho sa haese kgahleha sa naha ya Lebanone,se kgethehilejwaloka kedare tsa Lebanone.