Sefela Sa Difela 3:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Bosiu ha ke robetsephateng tsa ka,ke ile ka batlaya ratwang ke pelo ya ka;ka mmatla, ka se ke ka mo fumana.

2. Jwale ka tsohaka ya le motse wohle,terateng tsa wonale mabaleng a wona,ke batla ya ratwang ke pelo ya ka;ka mmatla, ka se ke ka mo fumana.

3. Ka teana le balebediba ntse ba potoloha le motse,ka re ho bona:“Na le kile la bonamoratuwa wa ka?”

4. Yare ke sa tswa ba feta,moratuwa wa ka ka mo fumana;ka mo mamarela,ka se ke ka mo tlohelaho fihlela ke kena le yenaka lapeng heso,ke mo isa ka kamoreng ya mme,montswadi wa ka.

5. Lona baradi ba Jerusalema,ke a le laya,ke le laya ka ditshepele ka dikgama tsa naha:Le se tsose moratuwa wa kakapa la mo sisinyaho fihlela yena a ka rata ho tsoha!

6. Elwa ya hlahang lehwatatengke mang,ya kang mosi o lopaletseng,ya noneditswengka mmira le mokubetso,tse tswakilwengka dinoko tsohle tsa kgwebo?

7. Ke Solomone, o nkile malao a hae,o potapotilwe ke bahaleba mashome a tsheletseng,mokgetho wa dikwankwetlatsa naha ya Iseraele.

8. Kaofela ha bonaba hlometse ka disabole,kaofela ha bonantwa ba e tlwaetse,disabole di leketla qholong tsa bona,ba laletseha mokgosi wa bosiu o hlajwa.

Sefela Sa Difela 3