2. Ha moratuwa a le hara barwetsanao ka mohaladitwe hara meutlwa.
3. Ha moratuwa a le hara bahlankana,o ka fate sa apolehara fate tsa meru.Ke thabela ho phomolamoriting wa hae;tholwana hae e a hlabosaha ke e latswa.
4. O nkisitse tlung ya boithabiso,tlung ya dino,a ntshireletsa ka mokhelewa lerato la hae.
5. Mmatlafatsengka mangangajane a morara,le nkgathloloseka ho mpha diapole,hoba rato ke lenale mphokodisitse.
6. Ke samme tsoho la haele letshehadi,ka tsoho la hae le letonao nkopile.
7. Lona baradi ba Jerusalemake a le laya,ke le laya ka ditshepele ka dikgama tsa naha:Le se tsose moratuwa wa kakapa la mo sisinya,ho fihlela yenaa ka rata ho tsoha.
8. Ke utlwa lentswe la moratuwa,lentswe ke leo!Ke eo a etlaa tlola hodima dithaba,a ntsa laqoma hodima maralla.
9. Moratuwa o tshwana le tshepekapa namane ya kgama;mmoneng ke eoa eme kamora lerako,a shebile ka fesetere,a hlwedisa le ka diphera.
10. Jwale moratuwa o bua le nna, o re:“Ema, wena moratuwa wa ka,wena botlenyana wa ka,itlele re tsamaye.
11. Bona, mariha a sa fetile,pula le tsona di kgaoditse.
12. Palesa di fupuhile hara mohlaba,nako ya ho bina e se fihlile,kunkuru ya maebana-kgorwana,e utlwahala naheng ya heso.