Sefela Sa Difela 1:9-17 BIBELE (SSO89SO)

9. Wena moratuwa,o ka pitse ya sethole,e hulang kariki ya Faro ya ntwa.

10. Marama a hao a a ratehaka masale a lepeletseng,molala wa haoo tshwanelwa ke faha tsa mabenyane.

11. Re tla o etsetsa masale a kgauta,re a kgabiseka naletsana tsa silefera.

12. Ha kgosi e ne e dutse dijong,menkwane ya ka ya nkga hamonate.

13. Ho nna moratuwao ka mokotlana o tshetseng mmira,o bang fubeng sa kaka nako tsohle.

14. Ho nna moratuwao tshwana le thunthung tsa mmasa,tse tswang masimong a morara,masimo a Ene-Gedi.

15. O motle hakaakang,wena moratuwa wa ka!O motle hakaakang!Mahlo a haoa mapudutswana sa maeba!

16. O motle hakaakang,wena moratuwa!E, ruri o motle, o a rateha!Moalo wa ronao ka jwang bo botalana!

17. Dibalaka tsa ntlo ya ronake tsa kedare,maballo a yonake a difate tsa modutu.

Sefela Sa Difela 1