6. Ashedode e tla ba leaho,aho la dikgaupane,boikakaso ba Bafiletsita ke bo fedise.
7. Nama e madi, eo ba e jang,ke tla e fedisa,le nama tse ilehang tsa bonake di fedise.Ba setsenge tla ba ba Modimo wa rona,le bona ba tshwanele ba morabe wa Juda,ba Ekerone bonaba tshwane le Bajebusi.
8. Ke tla lalla pela ntlo ya ka,ke lalle pela yona ke e lebele,mabotho a e futuhelang ke a thibele.Tjhaba sa kaha se sa tla hlolwa ke motlatlapi,hobane jwale se lebetsweke nna ka sebele.
9. Wena Moradi wa Sionenyakalla haholo!Wena Moradi wa Jerusalemaetsa ditlatse!Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena;e lokile, e tlisa topollo,e ikokobeditse, e palame tonki,e palame petsana ya tonki.
10. Morena o re:“Ke tla amoha Efraimekariki tsa ntwa,ke amohe Jerusalemadipere tsa ntwa,seqha sa ntwaebe sona ke a se roba.Kgosi eoe tla tlisetsa ditjhaba kgotso,e buse ho akaretsa mawatle wohle,e buseho tloha Nokeng ya Euferatese,e yo fihla pheletsong tsa lefatshe.”
11. Morena o re:“Ka baka la selekanesa rona le wena,se tiisitsweng ka madi a mahlabelo,bathopuwa ba hao ke tla ba lokolla,ke ba ntshe ledumelengle se nang metsi.
12. Lona bathopuwa ba nang le tshepo,kgutlelang qhobosheaneng ya lona;e sa le jwale ke se ke le tsebisa:Ke tla le buseletsa tsohle habedi.
13. Ke tla koba Judasa ha ke koba seqha.Efraime yena e be motsu wa sona.Ke tla hlohleletsa bara ba Sione,ke ba etse sabole ya mohlabani,ba futuhele bara ba Bagerike.”
14. Ke moo Morena a tla hlaha,a ba okamele,motsu wa hae o tsekeme sa lehadima.Morena Modimo o tla letsa lenaka,a tsamaye kahara difefo tsa borwa.
15. Morena wa mabothoo tla ba sireletsa,dira tsa bona ba tla di timetsa,ba di hlole ka majwe a matjeketjane.Madi a tsona ba tla a nwa sa veine,ba sasamatse dimpasa lefiswana le tletse,ba a kganathele sa manaka a aletare.