5. Bashanyana le banana ba tla tlalatlala diterateng tsa motse, ba bapalle hona teng.”
6. Morena wa mabotho o bua tjena: “Leha ka nako eo masalla a setjhaba sena a ka bona e ka hona ke mohlolo, empa ho nna hase mohlolo,” ho rialo Morena wa mabotho.
7. Morena wa mabotho o bua tjena: “Bonang! Ke tla lopolla setjhaba sa ka dinaheng tse ka botjhabela le tse ka bophirimela.
8. Ke tla se kgutlisetsa Jerusalema, se tlo aha teng. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke tla ba Modimo wa sona ya tshepahalang, ya lokileng.”
9. Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwale lona ba utlwang se builweng ke baporofeta ba neng ba le teng mohla ho bewang motheo wa Tempele ya Morena wa mabotho, tsohang molota, le hahe Tempele ena.
10. Pele ho nako eo, ho ne ho sa hirwe motho kapa pelesa. Ho ne ho se ya phethang mosebetsi wa hae ka bolokolohi ka baka la ho tshaba dira tsa hae, hobane nna ke ne ke qabantse motho le ngwanabo.
11. Empa jwale masalla a setjhaba sena ha ke sa tla a etsa seo ke neng ke se etse ho setjhaba sena mehleng e fetileng,” ho rialo Morena wa mabotho.
12. “Tjhai e tla ba kgolo, morara o behe haholo, mobu o atlehise dijalo, mahodimo a nese pula e ngata. Ke tla sitsa masalla a setjhaba sena ka dintho tsena tsohle.
13. Lona ba ntlo ya Juda le ba ntlo ya Iseraele, le bile sesupo sa thohako ho ditjhaba tsohle; jwale ke tla le pholosa, le tle le be sesupo sa tlhohonolofatso. Betang dipelo! Se tshabeng letho!”
14. Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwalokaha ke ile ka rera ho le dihela koduwa, mme ka hloka mohau ha bontata lona ba ne ba nkgalefisitse,” ho rialo Morena wa mabotho,