Sakariya 8:11-23 BIBELE (SSO89SO)

11. Empa jwale masalla a setjhaba sena ha ke sa tla a etsa seo ke neng ke se etse ho setjhaba sena mehleng e fetileng,” ho rialo Morena wa mabotho.

12. “Tjhai e tla ba kgolo, morara o behe haholo, mobu o atlehise dijalo, mahodimo a nese pula e ngata. Ke tla sitsa masalla a setjhaba sena ka dintho tsena tsohle.

13. Lona ba ntlo ya Juda le ba ntlo ya Iseraele, le bile sesupo sa thohako ho ditjhaba tsohle; jwale ke tla le pholosa, le tle le be sesupo sa tlhohonolofatso. Betang dipelo! Se tshabeng letho!”

14. Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwalokaha ke ile ka rera ho le dihela koduwa, mme ka hloka mohau ha bontata lona ba ne ba nkgalefisitse,” ho rialo Morena wa mabotho,

15. “kajeno ke rerile ho etsetsa Jerusalema le Juda molemo. Se tshabeng letho!

16. Tsena ke tseo le tshwanelang ho di etsa: Le bolellane nnete, le ahlolelane ka ho loka le ka nnete makgotleng a lona, hore kgotso e tle e be teng.

17. Le se ke la rerelana bora, le se ke la hlapanya ka leshano. Tsena tsohle ke di hloile,” ho rialo Morena.

18. Morena wa mabotho a boela a bua ho nna, a re:

19. “Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”

20. Morena wa mabotho o bua tjena: “Ba ditjhaba tse ngata le ba metse e mengata ke hona ba tla tla.

21. Baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba motse o mong, ba re: <A re yeng kapelepele ho ya rapela Morena, mme re ipiletse ho Morena wa mabotho. Le rona re tla ya.>

22. Kahoo ditjhaba tse ngata, tse matla, di tla tla Jerusalema ho tla rapela Morena wa mabotho le ho ipiletsa ho yena.”

23. Morena wa mabotho o bua tjena: “Mohlang oo banna ba leshome ba dipuo tsohle le ba ditjhaba tsohle ba tla tshwara Mojuda a le mong ka qola ya kobo ya hae, ba re: <Ako re re ye le lona, hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.> ”

Sakariya 8