1. Morena wa mabotho a boela a bua ho nna, a re:
2. “Morena wa mabotho o bua tjena: Ke boulela Sione haholo; ke e boulela ke halefile haholo.”
3. Morena o bua tjena: “Ke kgutlela Sione, mme ke tla aha Jerusalema. Kahoo Jerusalema e tla bitswa Motse wa Nnete, le thaba ya Morena wa mabotho e bitswe Thaba e Halalelang.”
4. Morena wa mabotho o bua tjena: “Maqheku le maqhekwana a tla boela a dula diterateng tsa Jerusalema, e mong le e mong a ikokotlela ka lere ka baka la boqheku.
5. Bashanyana le banana ba tla tlalatlala diterateng tsa motse, ba bapalle hona teng.”
6. Morena wa mabotho o bua tjena: “Leha ka nako eo masalla a setjhaba sena a ka bona e ka hona ke mohlolo, empa ho nna hase mohlolo,” ho rialo Morena wa mabotho.
7. Morena wa mabotho o bua tjena: “Bonang! Ke tla lopolla setjhaba sa ka dinaheng tse ka botjhabela le tse ka bophirimela.
8. Ke tla se kgutlisetsa Jerusalema, se tlo aha teng. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke tla ba Modimo wa sona ya tshepahalang, ya lokileng.”
9. Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwale lona ba utlwang se builweng ke baporofeta ba neng ba le teng mohla ho bewang motheo wa Tempele ya Morena wa mabotho, tsohang molota, le hahe Tempele ena.