1. Ka selemo sa bone sa puso ya kgosi Dariuse, Morena a boela a bua ho Sakariya. E ne e le ka letsatsi la bone la kgwedi ya borobong, e leng ya Pudungwana.
2. Baahi ba Bethele ba ne ba ile ba roma bo-Saresere le Regeme-Meleke, ba ena le batho ba bona, ho ya rapela Morena,
3. le ho ya botsa baprista ba Tempele ya Morena wa mabotho, le baporofeta, ba re: “Na re tshwanela ho lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha re nnile ra etsa ka dilemo tse ngatangata?”
4. Yaba Morena wa mabotho o bua ho nna, o re:
5. “Ako botse setjhaba sohle sa naha ena, le baprista, o re: <Ha le ne le itima dijo, le bina kodi-ya-malla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka dilemo tse mashome a supileng, na le ne le hlile le itima ka baka la ka?
6. Na ha le ne le eja, le enwa, le ne le sa itjelle le ho inwella e le lona?
7. Na see hase sona seo Morena a neng a se bolele ka baporofeta ba boholoholo, mehleng ya ha Jerusalema e sa na le baahi, mme e atetswe ke nala, yona le metse e e potapotileng, le naha e ka Borwa le e diphuleng?> ”
8. Morena wa mabotho a boela a bua ho Sakariya, a re:
9. “Morena wa mabotho o bua tjena: <Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko.
10. Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.>
11. “Empa setjhaba se ile sa hana ho mmamela; sa eba manganga; sa ithiba ditsebe.
12. Sa thathafatsa dipelo tsa sona jwaloka lejwe la moralla, e le hore se se ke sa utlwa molao le dipolelo tseo Morena wa mabotho a neng a se boleletse tsona ka Moya wa hae, ka baporofeta ba mehleng ya boholoholo. Kahoo Morena wa mabotho o ile a halefa haholo.
13. “ <Jwalokaha ba sa ka ba mamela ha ke ne ke ba bitsa, le nna ha ke a ka ka ba mamela ha ba ipiletsa ho nna,> ho rialo Morena wa mabotho.
14. <Ka sefefo ke ile ka ba qhalanyetsa dinaheng disele, moo ba sa tsejweng. Ba siya naha ya bona e le nanaola, e se na baahi. Naha ya bona e ntle ya fetoha nanaola jwalo.> ”