Sakariya 6:12-15 BIBELE (SSO89SO)

12. O be o bolelle Joshua hore Morena wa mabotho o bua tjena: <Monna ya bitswang Lekala ke enwa; o tla hlomela moo a leng hona teng, a hahe Tempele ya Morena.

13. Ke yena ya tla haha Tempele ya Morena. O tla apeswa botlotlehi, a rene a dutse teroneng ya hae. Moprista le yena o tla dula teroneng ya hae, mme bobedi ba bona ba tla sebetsa mmoho ka kgotso le ka kutlwano.

14. Ha e le mofapahlooho wona o tla bewa ka Tempeleng ya Morena, e le hore ho tle ho hopolwe molemo wa bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya, le Hene, mora wa Sofonea.>

15. “Batho ba tla tloha hole, ba tlo thusa ho haha Tempele ya Morena. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. Tsena tsohle di tla phethahala ha le ka mamela lentswe la Morena Modimo wa lona.”

Sakariya 6