Sakariya 6:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka tadima hodimo hape, mme ka bona dikariki tse nne tsa ntwa di etswa pakeng tsa dithaba tse pedi tsa lethose!

2. Kariki ya pele e ne e hulwa ke dipere tse kgunong, ya bobedi e hulwa ke tse ntsho,

3. ya boraro e hulwa ke tse tshweu, ya bone yona e hulwa ke tse kwebu.

4. Yaba ke botsa lengeloi le neng le ntse le bua le nna, ke re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?”

5. Lengeloi la nkaraba, la re: “Ena ke meya e mene ya lehodimo, e tswang kapele ho Morena wa lefatshe lohle.

6. Kariki e hulwang ke dipere tse ntsho e leba nqa leboya; e hulwang ke tse tshweu e leba nqa bophirimela; athe e hulwang ke tse kwebu yona e leba nqa borwa.”

7. Dipere tse kwebu tsona ha di tloha di ile tsa potlakela ho haola le lefatshe lohle. Lengeloi la re: “Eyang, le haole le lefatshe lohle.” Kahoo dipere tseo tsa tloseletsa ho haola le lefatshe lohle.

8. Yaba lengeloi le a howeletsa, le re ho nna: “Bona, dipere tse lebang naheng e ka leboya di kokobeditse kgalefo ya Morena naheng eo.”

9. Morena a bua ho nna, a re:

10. “Amohela dimpho tsa silefera le tsa kgauta ho ba kgutlang Babilona, bothopuweng, e leng bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya. Ha o qeta ho di amohela o ye ha Josiya, mora wa Sofonea.

11. Ka silefera eo le ka kgauta eo o etse mofapahlooho, o o rwese Joshua, Moprista e Moholo, mora wa Josadake.

12. O be o bolelle Joshua hore Morena wa mabotho o bua tjena: <Monna ya bitswang Lekala ke enwa; o tla hlomela moo a leng hona teng, a hahe Tempele ya Morena.

Sakariya 6