8. Morena a boela a bua le nna, a re:
9. “Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.
10. “Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.”
11. Ka boela ka botsa lengeloi, ka re: “Difate tse tse pedi tsa mohlwaare, tse ka tsohong le letona le ka ho le letshehadi la sedulwana sa mabone, tsona di bolelang?”
12. Ka le botsa hape, ka re: “Makala aa a mabedi a mohlwaare, a kamathoko ho dipompo tse pedi tsa kgauta, tse ntshang ole e bosehla ba kgauta, wona a bolelang?”
13. La nkaraba, la re: “Ha o tsebe hore na a bolelang?”Ka re: “Tjhe, monghadi.”
14. Yaba le re: “A tshwantsha banna ba babedi, ba tlotseditsweng ho sebeletsa Morena wa lefatshe lohle.”