1. Lengeloi le neng le bua le nna la kgutla hape, la ntsosa jwalokaha ho tsoswa motho ya kgalehileng.
2. La mpotsa, la re: “O bona eng?”Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena.
3. Ka mahlakoreng a sedulwana sena sa mabone, ho na le difate tse pedi tsa mohlwaare: Se seng ka tsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.”
4. Yaba ke botsa lengeloi le neng le bua le nna, ke re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?”
5. Lengeloi leo la araba, la re: “Ha o tsebe hore na dintho tsee ke dintho ding?”Ka araba, ka re: “Tjhe, monghadi.”
6. Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: <Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,> ho rialo Morena wa mabotho.
7. “Wena thabahadi towe! O eng? Kapele ho Serubabele o tla batalla feela, mme ho wena, yena o tla kgephola lejwe la ho qetela la Tempele, a le bee tulong tsa lona, ho ntse ho etswa ditlatse, ho thwe: <Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!> ”
8. Morena a boela a bua le nna, a re:
9. “Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.