Sakariya 3:8-10 BIBELE (SSO89SO)

8. “ <Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!

9. Bonang, lejwe lena leo ke le beileng kapele ho Joshua ke lejwe le le leng, le nang le mahlakore a supileng, mme ke tla ngola hodima lona,> ho rialo Morena wa mabotho. <Ke tla fedisa sebe sa naha ena ka tsatsi le le leng.

10. “ <Mohla tsatsi leo,> ho rialo Morena wa mabotho, <motho ka mong o tla mema wa habo, ba dule tlasa sefate sa morara le tlasa sefate sa feiye.> ”

Sakariya 3