4. Lengeloi la bua le ba neng ba eme kapele ho lona, la re: “Mo hlobodiseng diaparo tsena tse ditshila!”La nto re ho Joshua: “Bona, ke fedisitse bokgopo ba hao, mme ke tla o apesa diaparo tse ntlentle.”
5. Yaba lengeloi le re: “Mo rweseng tuku e hlwekileng hloohong.” Ba mo rwesa tuku e hlwekileng, ba mo apesa diaparo tse ntlentle, lengeloi la Morena le ntse le eme moo.
6. Lengeloi la Morena la nto laya Joshua, la re:
7. “Morena wa mabotho o bua tjena: <Ha o ka tsamaya ditseleng tsa ka, wa mamela ditaelo tsa ka, o tla okamela Tempele ya ka le mabala a yona, mme o tla ba mosebeletsi jwaloka banna bana ba emeng mona.
8. “ <Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!