Sakariya 2:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. “Tswang! Tswang! Balehang naheng e ka leboya,” ho rialo Morena, “hobane ke ne ke le qhalanyeditse diqoleng tse nne tsa lefatshe,” ho rialo Morena.

7. “Tswa, wena Sione, wena ya phelang le Moradi wa Babilona!”

8. Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka.

9. Ke tla otlollela letsoho la ka hodima bona, mme ba tla lobelwa ke ba kileng ba ba sebeletsa. Ke hona le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme.

10. “Howeletsa, o nyakalle, wena Moradi wa Sione, hobane ke a tla, ke tlilo dula le wena,” ho rialo Morena.

11. “Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.

12. Naheng eo e halalelang Morena o tla inkela Juda, e be lefa la hae, a boele a ikgethele Jerusalema.

13. Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.”

Sakariya 2