Sakariya 2:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka boele ka tadima, mme ka bona motho ya tshwereng kgwele e methang!

2. Yaba ke a mmotsa, ke re: “O ya kae?”Motho eo a araba, a re: “Ke ilo metha Jerusalema, ke tle ke fumane bophara le bolelele ba yona.”

3. Ka bona lengeloi le neng le bua le nna le atamela, mme lengeloi le leng la atamela ho tla le kgahlanyetsa.

4. Lengeloi la bobedi la re ho la pele: “Matha, o yo bolella mohlankanyana eo, o re: <Ka baka la bongata ba batho le ba mehlape, Jerusalema ha e na ho haheletswa ka marako.

5. Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,> ho rialo Morena, <ke be tlotla kahara yona.>

6. “Tswang! Tswang! Balehang naheng e ka leboya,” ho rialo Morena, “hobane ke ne ke le qhalanyeditse diqoleng tse nne tsa lefatshe,” ho rialo Morena.

Sakariya 2