Sakariya 14:9-21 BIBELE (SSO89SO)

9. Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.

10. Naha yohle e tla ba lehwatata ho tloha Geba ho ya fihla Rimone, ka borwa ho Jerusalema. Empa Jerusalema e tla phahamiswa, e nne e be tulong tsa yona, e leng ho tloha Kgorong ya Benjamine ho ya fihla Kgorong ya Pele, le ho ya Kgorong ya Sekgutlo; le ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla ditlhotlelong tsa veine tsa kgosi.

11. E tla ba le baahi, mme ha e sa tla hlola e timetswa. Jerusalema e tla sireletswa.

12. Lena ke lona lefu la sewa, leo ka lona Morena a tla otla ditjhaba tsohle tse lwantshitseng Jerusalema: Dinama tsa tsona di tla bola, tsona di ntse di phela, mahlo a tsona a sale e le mehoboko, le maleme a tsona a bolle mahalapeng a tsona.

13. Mohla tsatsi leo, Morena o tla etsa hore batho ba tshohe haholo. Motho o tla tshwara wa habo ka letsoho, mme ba tla lwantshana.

14. Juda le yona e tla lwantsha Jerusalema. Maruo a ditjhaba tsohle tse e potapotileng a tla bokellwa hammoho: Kgauta e ngata le silefera e ngata, le diaparo tse ngata haholo.

15. Lefu la sewa le tshwanang le lena le tla bolaya dipere, le dimmeile, le dikamele, le ditonki, le diphoofolo tsohle tse ka diahelong tseo.

16. Ke moo masalla a tswang ditjhabeng tsohle tse ileng tsa futuhela Jerusalema a tla nyolohela teng ka selemo le selemo, ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, le ho ya keteka Mokete wa Maphephe.

17. Haeba ditjhaba tse ding tsa lefatshe di ke ke tsa nyolohela Jerusalema ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, pula e ke ke ya na dinaheng tsa tsona.

18. Haeba setjhaba sa Egepeta se sa nyolohe ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, pula e ke ke ya na naheng ya sona; se tla welwa ke lefu la sewa, leo ka lona Morena a bolayang ditjhaba tse sa nyoloheleng Jerusalema, ho ya keteka Mokete wa Maphephe.

19. Ena e tla ba yona kotlo ya Egepeta le kotlo ya ditjhaba tsohle tse sa nyoloheleng Jerusalema ho ya keteka Mokete wa Maphephe.

20. Mohla tsatsi leo, mantswe ana a tla ngolwa hodima ditshepe tse melaleng ya dipere, ho thwe: “Ke tse kgethetsweng Morena.” Dipitsa tsa ho pheha tse ka Tempeleng ya Morena, di tla ka mafiswana a kapele ho aletare.

21. Dipitsa tsohle tse Jerusalema, le tse metseng yohle ya Juda, di tla kgethelwa Morena wa mabotho, mme bohle ba tlilo nyehela ka sehlabelo ba tla nka tse ding tsa dipitsa tsena, ba phehe ka tsona. Mohla tsatsi leo, ha ho sa tla ba Mokanana ka Tempeleng ya Morena wa mabotho.

Sakariya 14