Sakariya 13:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. “Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.

2. “Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena.

3. Haeba ho ena le e mong ya ka nnang a porofeta, bo-ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla bua ho yena, ba re: <O ke ke wa phela, hobane o bua leshano ka lebitso la Morena.> Bo-ntatae le mmae ba tla mmolaya a ntsa porofeta.

4. “Mohla tsatsi leo, moporofeta ka mong o tla hlabiswa dihlong ke pono tsa hae tsa boporofeta. Ha a ka ke a apara seaparo sa boporofeta se entsweng ka boya, e le hore a tle a thetse.

5. O tla re: <Nna ha ke moporofeta, ke molemi; haesale ke phela ka mobu ho tloha botjheng ba ka.>

Sakariya 13