Sakariya 12:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re:

2. “Ke tla etsa hore Jerusalema e be senwelo sa veine, se etsang hore ditjhaba tsohle tse e potapotileng, di thekesele. Juda e tla etsetswa thibella, esita le yona Jerusalema.

3. Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.

4. Mohla tsatsi leo, ke tla tshosa pere e nngwe le e nngwe, ke hlantshe mopalami wa yona,” ho rialo Morena. “Ke tla ela sedi ba ntlo ya Juda, ebe ke foufatsa dipere tsohle tsa ditjhaba.

5. Jwale baholo ba Juda ba tla bua ka pelo, ba re: <Baahi ba Jerusalema ba matlafatswa ke Morena wa mabotho, Modimo wa bona.>

Sakariya 12