1. Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re:
2. “Ke tla etsa hore Jerusalema e be senwelo sa veine, se etsang hore ditjhaba tsohle tse e potapotileng, di thekesele. Juda e tla etsetswa thibella, esita le yona Jerusalema.
3. Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.