1. Wena Lebanone,bula menyako ya hao,mollo o tlo tjhese kedare tsa hao!
2. Wena fate sa phaena, bokolla,o lle hobane kedare e robehile,difate tse bohehang di suhlamane!Lona eike tsa Bashane bokollanghobane moru o opanengo kgethutswe!
3. Utlwang ha badisa ba bokolla,ba bokollahoba makgulo a senyehile!Utlwang ditawana ha di puruma;meru e opaneng ya Jorodanee senyehile!
4. Morena Modimo wa ka, o bua tjena: “Alosa mohlape o tla hlajwa.
5. Ba o rekang ba a o hlaba, ebe ba re ha ba na molato. Ba o rekisang, bona ba re: <Ho bokwe Morena, jwale re barui!> Badisa ba wona le bona ha ba o qenehele.
6. Nke ke ka hlola ke hauhela baahi ba lefatshe,” ho rialo Morena. “Ke tla neelana ka e mong le e mong ho ya ahisaneng le yena, le ho kgosi ya hae. Ha naha e hatakelwa, ha nka ke ka e namolela matsohong a bona.”
7. Kahoo ke ile ka alosa mohlape o tla hlajwa, haholoholo o neng o tlatlapuwa. Ka nka melamu e mmedi: O mong ka re ke Mohau, o mong ka re ke Kutlwano; yaba ke alosa mohlape jwalo.
8. Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.
9. Yaba ke bua ho mohlape, ke re: “Ha nka ke ka hlola ke le alosa. Tse tlamehang ho shwa di shwe; tse timetswang di timetswe; tse salang tsona di jane.”
10. Yaba ke nka molamu wa ka o bitswang Mohau, ke o roba dikoto tse pedi; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane seo Morena a neng a se entse le ditjhaba tsohle.
11. Sa fediswa hona mohla tsatsi leo, mme bahwebi ba neng ba ntadimile ba utlwisisa hore tsena tsohle ke tse builweng ke Morena.