14. Lengeloi le neng le ntse le bua le nna la re: “Howeletsa, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: <Ke boulela Jerusalema le Sione haholo,
15. feela ke mpa ke halefile haholo, ke halefetse baditjhaba ba iketlileng, hobane eitse ha ke ne ke halefile hanyenyane, yaba ba eketsa matshwenyeho a lona.>
16. “Ka baka leo, Morena o bua tjena: <Ke kgutletse Jerusalema ho tla e hauhela, mme Tempele ya ka e tla tsoswa,> ho rialo Morena wa mabotho. <Le kgwele e methang e tla otlollelwa hodima Jerusalema,> ho rialo Morena wa mabotho.
17. “Howeletsa hape, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: <Metse ya ka e tla boela e eba le nala, Morena a tshedise Sione hape, a boele a ikgethele Jerusalema.> ”
18. Ka boela ka tadima, mme ka bona dinaka tse nne!
19. Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Dintho tsee ke ding?”Lengeloi la nkaraba, la re: “Tsena ke dinaka tse qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.”
20. Jwale Morena a mpontsha malala a mane.
21. Ka botsa, ka re: “Malala aa a tlilo etsang?”Morena a nkaraba, a re: “Dinaka tsena ke tsona tse qhalantseng Juda, hoo ho sa kang ha eba le motho ya neng a ka phahamisa hlooho. Empa malala ana a tlilo tshosa le ho diha dinaka tsena, e leng baditjhaba ba ileng ba futuhela naha ya Juda, ba qhalakanya setjhaba sa yona.”