17. Basadi ba ahisaneng le Naomi ba rea moshanyana lebitso, ba re: “Naomi o tswaletswe mora,” mme ba mo rea lebitso la Obede. Ke yena ntata Jese, ya tswetseng Davida.
18. Tsena ke ditloholo tsa Perese: Perese a tswala Heserone;
19. Heserone a tswala Rama; Rama a tswala Aminadabe;
20. Aminadabe a tswala Naheshone; Naheshone a tswala Salemone;
21. Salemone a tswala Boase; Boase a tswala Obede;
22. Obede a tswala Jese, mme Jese a tswala Davida.