Ruthe 4:12-17 BIBELE (SSO89SO)

12. Bana bao Morena a tla o fa bona ka mosadi enwa, ba ke ba be jwaloka bana ba Perese, bao Tamare a neng a ba tswalle Juda.”

13. Boase a nka Ruthe ya eba mosadi wa hae. Boase a kena dikobong tsa hae, Ruthe ya eba moimana, mme a tswala mora.

14. Basadi ba re ho Naomi: “Kajeno ho bokwe Morena, ya sa kang a o tlohela o se na mojalefa. Moshanyana enwa a ke a tume naheng ya Iseraele.

15. O tla o tshedisa, a o fepe dilemong tsa botsofadi ba hao. Ngwetsi ya hao e o rata haholo, mme e molemo ho wena ho feta bara ba supileng.”

16. Naomi a sika lesea, mme ya eba yena mohodisi wa lona.

17. Basadi ba ahisaneng le Naomi ba rea moshanyana lebitso, ba re: “Naomi o tswaletswe mora,” mme ba mo rea lebitso la Obede. Ke yena ntata Jese, ya tswetseng Davida.

Ruthe 4