Ruthe 4:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Boase a ya kgorong ya motse, a dula teng. Mong ka yena, eo Boase a ileng a bua ka yena, a fihla. Boase a re ho yena: “He monna, ako fapohele le kwano, o dule mona pela ka.” Eo a tla, a dula fatshe.

2. Boase a bitsa baholo ba leshome ba motse oo, mme a re ho bona: “Dulang mona.” Yaba ba a dula.

3. Jwale Boase a re ho monna ya tswalanang le yena: “Naomi ya kgutlileng naheng ya Moabe, o rekisa naha eo e neng e le ya ngwanabo rona, Elimeleke.

4. Ke fumane ho le molemo hore ke o bolelle taba ena, ke re: <Reka naha eo moo setjhaba sa heso le baholo ba sona ba leng teng. Haeba o e lopolla, e lopolle; le teng ha o sa e lopolle, mpolelle, e le hore ke tsebe, hobane ha ho e mong ya ka e lopollang haese wena, kapa nna, hobane ke a o hlahlama.> ”Monna eo a re: “Ke tla e lopolla.”

5. Empa Boase a tswela pele, a re: “Mohla o rekang naha ena ho Naomi, o tla e rekella le Ruthe wa Moabe, e leng mosadi wa mofu, e le hore o tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa.”

6. Yaba eo mong ka yena o re: “Haeba ho tjena, nke ke ka e lopolla, esere ka senya lefa leo e leng la ka. Kaha nke ke ka e lopolla, wena itopollele yona.”

7. Mehleng ya pele e ne e le moetlo wa Baiseraele, hore ditabeng tsa ho lopolla kapa tsa ho ananya, motho a role moqathatso wa hae, a o nee eo ba rekisetsanang le yena. Ona e ne e le wona mokgwa wa ho etsa bopaki ho Baiseraele.

8. Ka baka leo, eo mong ka yena a re ho Boase: “Wena, ithekele yona.” Yaba o rola moqathatso wa hae.

9. Boase a re ho baholo le ho setjhaba sohle: “Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e neng e le tsa Elimeleke, le tsa Kilejone, le tsa Mahelone.

10. Le bile le dipaki hore ke reka le Ruthe wa Moabe, mohlolohadi wa Mahelone, hore e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa, e le hore lebitso la mofu le se ke la fela hara bana babo, le motseng wa habo.”

Ruthe 4