Ruthe 3:9-18 BIBELE (SSO89SO)

9. Boase a re: “O mang?”Ruthe a araba, a re: “Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; apesa lekgabunyane la hao ka kobo ya hao, hobane rona le wena re a tswalana.”

10. Boase a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka, hobane seo o se entseng hona jwale se setle ho feta seo o se entseng pele. Ha o a ka wa matha kamora bahlankana, leha e le ba futsanehileng kapa ba ruileng.

11. Se tshabe, ngwanaka, ke tla o etsetsa tsohle tseo o di kopang, hobane batho bohle ba motse wa heso ba a tseba hore o mosadi ya kgabane.

12. Ke nnete, ke tswalana le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena ka tswalano ho mpheta.

13. Robala mona bosiung bona; haeba hosasane a rata ho phetha tshwanelo ya hae ho wena, e tla ba ho lokile. Empa ha a sa rate ho etsa jwalo, ka Modimo ya phelang, nna ke tla etsa jwalo. Phomola mona ho fihlela hosasane.”

14. Ruthe a botha pela maoto a Boase ho fihlela hosasane. Ruthe a tsoha e sa le hoseng, ho eso bonahale hantle, hobane Boase o ne a re: “Ho se be motho ya ka tsebang hore mosadi o kile a tla seotlong mona.”

15. Boase a re ho Ruthe: “Hlobola kobo ya hao, o e ale mona.” Ruthe a e ala, mme Boase a tshela harese e ka bang boima ba dikilo tse mashome a mabedi. A mo rwesa yona, mme Ruthe a ya motseng.

16. Ha Ruthe a fihla hae, matsalae a mmotsa, a re: “Ho bile jwang, ngwanaka?”Ruthe a mmolella seo monna eo a mo etseditseng sona,

17. a re: “Monna eo o mphile harese e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a mabedi, a ba a re ho nna: <O se ke wa kgutlela ho matsalao o itlhophere.> ”

18. Yaba Naomi o re: “Ako mamelle, ngwanaka, o bone hore na ho tla ba jwang. Boase a ke ke a phomola moyeng ho fihlela taba ena e loka hona kajeno.”

Ruthe 3