Ruthe 3:4-13 BIBELE (SSO89SO)

4. E tle ere ha a itokisetsa ho robala, o hlokomele hantle moo a tla robala teng, o ye teng, o kwaholle maoto a hae, o bothe moo. Yena o tla o bolella seo o tla se etsa.”

5. Ruthe a re ho matsalae: “Ke tla etsa tsohle tseo o reng ke di etse.”

6. Yaba Ruthe o theohela seotlong, mme a etsa tsohle tseo matsalae a mo laetseng tsona.

7. Ha Boase a se a jele, a nwele, mme a thabile, a ya ithoballa pela setha sa harese. Ruthe a ya ho yena ka lenyele, a kwaholla maoto a hae, a botha pela wona.

8. Hara mpa ya bosiu Boase a phofa, a fetoha, mme a bona mosadi a bothile maotong a hae.

9. Boase a re: “O mang?”Ruthe a araba, a re: “Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; apesa lekgabunyane la hao ka kobo ya hao, hobane rona le wena re a tswalana.”

10. Boase a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka, hobane seo o se entseng hona jwale se setle ho feta seo o se entseng pele. Ha o a ka wa matha kamora bahlankana, leha e le ba futsanehileng kapa ba ruileng.

11. Se tshabe, ngwanaka, ke tla o etsetsa tsohle tseo o di kopang, hobane batho bohle ba motse wa heso ba a tseba hore o mosadi ya kgabane.

12. Ke nnete, ke tswalana le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena ka tswalano ho mpheta.

13. Robala mona bosiung bona; haeba hosasane a rata ho phetha tshwanelo ya hae ho wena, e tla ba ho lokile. Empa ha a sa rate ho etsa jwalo, ka Modimo ya phelang, nna ke tla etsa jwalo. Phomola mona ho fihlela hosasane.”

Ruthe 3