Ruthe 3:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale Naomi, matsala Ruthe, a re ho Ruthe: “Ngwanaka, ke tshwanetse ho o batlela lehae, o tle o dule o iketlile.

2. Ha ke re Boase, eo o kileng wa sebetsa le makgabunyane a hae, ke seng le rona? Bona, bosiung bona o tla be a olosa harese seotlong.

3. Ka baka leo, itlhatswe, o itlotse, mme o apare hantle, ebe o theohela seotlong. O se ke wa ba wa itsebisa yena ho fihlela ha a qetile ho ja le ho nwa.

4. E tle ere ha a itokisetsa ho robala, o hlokomele hantle moo a tla robala teng, o ye teng, o kwaholle maoto a hae, o bothe moo. Yena o tla o bolella seo o tla se etsa.”

Ruthe 3