4. Boase a fihla moo, a etswa Betlelehema, a re ho bakotudi: “Morena a be le lona!”Bona ba re ho yena: “Morena a o hlohonolofatse.”
5. Jwale Boase a botsa mohlanka wa hae, ya okametseng bakotudi, a re: “Ke moradi wa mang eo?”
6. Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe.
7. Ngwanana enwa o ile a nkopa, a re: <Ako ntumelle ke sale bakotudi morao, ke kgwahlapise, mme ke bokelle koro e pakeng tsa mangata.> O ile a tla he, mme haesale a kgwahlapisa ho tloha hoseng, ho fihlela jwale; ke hona a sa itseng kgefu hanyenyane ka lephepheng!”
8. Boase a re ho Ruthe: “Mamela mona, ngwanaka: O se ke wa ya kgwahlapisa tshimong e nngwe, mme o se ke wa tloha mona. O sebetse mona le makgabunayne ana a ka.
9. O shebe feela tshimo eo a e kotulang, o a sale morao. Ke laetse bahlanka ba ka hore ba se ke ba o tshwenya. Ha o nyorilwe, o ye dinkgong, mme o nwe metsi a kgilweng ke bahlanka ba ka.”
10. Ruthe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re ho Boase: “Ke ka baka lang ha o nkgauhetse, mme o nketse hloko, athe ke moditjhaba?”
11. Boase a mo araba, a re: “Ke boleletswe tsohle tseo o di etseditseng matsalao, haesale monna wa hao a eshwa. Ke boleletswe le kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona, wa tla setjhabeng seo pele ho mona, o neng o sa se tsebe.
12. Morena a ke a o putse ka baka la tseo o di entseng. Morena Modimo wa Iseraele, eo o tshabetseng katlasa mapheo a hae, a ke a o nee moputso o phethahetseng.”
13. Ruthe a re: “Ako nkgauhele, morena ka; o ntshedisitse, mme o buile ka mosa ho lekgabunyane la hao, le hoja ke sa tshwane le le leng la makgabunyane ana a hao.”
14. Ka nako ya dijo Boase a re ho yena: “Tloo kwano, o tlo ja bohobe, o bo qopetse ka veineng e bohla.” Ruthe a dula le bakotudi, mme Boase a mo fa koro e hadikilweng. A ja, a kgora, a ba a di siya.