Matsalae a re ho yena: “Kajeno o tswa kgwahlapisa kae? O ne o sebetsa kae? Ho ke ho hlohonolofatswe monna ya ileng a o hlokomela.”Ruthe a bolella matsalae hore na eo a neng a sebetsa ho yena ke mang, a re: “Lebitso la monna eo ke neng ke sebetsa ho yena kajeno ke Boase.”