Ruthe 2:11-18 BIBELE (SSO89SO)

11. Boase a mo araba, a re: “Ke boleletswe tsohle tseo o di etseditseng matsalao, haesale monna wa hao a eshwa. Ke boleletswe le kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona, wa tla setjhabeng seo pele ho mona, o neng o sa se tsebe.

12. Morena a ke a o putse ka baka la tseo o di entseng. Morena Modimo wa Iseraele, eo o tshabetseng katlasa mapheo a hae, a ke a o nee moputso o phethahetseng.”

13. Ruthe a re: “Ako nkgauhele, morena ka; o ntshedisitse, mme o buile ka mosa ho lekgabunyane la hao, le hoja ke sa tshwane le le leng la makgabunyane ana a hao.”

14. Ka nako ya dijo Boase a re ho yena: “Tloo kwano, o tlo ja bohobe, o bo qopetse ka veineng e bohla.” Ruthe a dula le bakotudi, mme Boase a mo fa koro e hadikilweng. A ja, a kgora, a ba a di siya.

15. Eitse ha e ema ho boela a kgwahlapisa, Boase a laela bahlanka ba hae, a re: “Le mo tlohele a kgwahlapise le hara mangata, mme le se ke la mo thibela.

16. Le qhalanye maqhawana a mang ka boomo, le a tlohele, a tle a a kgwahlapise, mme le se ke la mo omanya.”

17. A kgwahlapisa jwalo masimong, ho fihlela ka phirimana. Yaba o pola hoo a ho kgwahlapisitseng, mme koro eo ya etsa dikilo tse leshome.

18. A nka koro eo a e kgwahlapisitseng, a ya motseng wa habo, a bontsha matsalae seo a se kgwahlapisitseng. A mo fa le dijo tse ileng tsa sala ha a eja dijo tsa motsheare.

Ruthe 2