2. Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng.
3. Yaba Elimeleke, mohatsa Naomi, o a shwa, mme mosadi a sala le bara ba hae ba babedi.
4. Bara bao ba nyala barwetsana ba morabe wa Moabe; lebitso la e mong e ne e le Orepa, la emong e le Ruthe, mme ba phela moo dilemo tse ka bang leshome.
5. Bo-Mahelone le Kilejone le bona ba eshwa, mme mma bona a sala a se a se na monna le bara ba hae ba babedi.
6. Naomi a utlwela hore Morena o ile a etela setjhaba sa hae, a se fa dijo, yaba yena, hammoho le dingwetsi tsa hae, o itokisetsa ho tloha naheng ya Moabe.
7. Ka baka leo, Naomi le dingwetsi tsa hae tse pedi ba tloha moo ba neng ba phela teng. Ha ba le tseleng e yang naheng ya Juda,
8. Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng.
9. Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo.
10. Ba re ho yena: “Ruri re tla kgutlela le wena setjhabeng sa heno.”
11. Naomi a re: “Kgutlang hle, bana ba ka! Ke hobaneng ha le rata ho tsamaya le nna? Na ke sa na le bara ba bang ka popelong ya ka, bao e ka bang banna ba lona?
12. Kgutlang, bana ba ka; tsamayang, hobane ke se ke tsofetse haholo hoo nke keng ka hlola ke eba le monna. Haeba ke ne nka re ke sa na le tshepo, mme eba ke nyalwa hona bosiung bona, ke beleha bara,
13. na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hola? Na le ne le tla hloboha lenyalo ka baka la bona? Tjhe, bana ba ka, pelo ya ka e bohloko haholo ka baka la lona, hobane Morena o mphuraletse.”