Ruthe 1:12-22 BIBELE (SSO89SO)

12. Kgutlang, bana ba ka; tsamayang, hobane ke se ke tsofetse haholo hoo nke keng ka hlola ke eba le monna. Haeba ke ne nka re ke sa na le tshepo, mme eba ke nyalwa hona bosiung bona, ke beleha bara,

13. na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hola? Na le ne le tla hloboha lenyalo ka baka la bona? Tjhe, bana ba ka, pelo ya ka e bohloko haholo ka baka la lona, hobane Morena o mphuraletse.”

14. Ba boela ba lla. Orepa a aka matsalae, a kgutlela ha habo, empa Ruthe yena a imamarela ka yena.

15. Naomi a re ho yena: “Bona, ngwetsi eno e kgutletse ho ba habo yona, le ho medimo ya yona; le wena kgutla, o latele ngwetsi eno.”

16. Empa Ruthe a re: “O se ke wa nqobella hore ke kgaohane le wena, kapa hore ke se ke ka tsamaya le wena, hobane“moo o yang tengke tla ya teng,moo o phelang tengke tla phela teng;tjhaba sa henoe be tjhaba sa heso,Modimo wa haoe be Modimo wa ka.

17. Moo o tla shwela tengke tla shwela teng,mme ke tla epelwa hona teng.Morena a nkahlole ka ho fetisaha re ka arohanngwa ke ho hong,haese ke lefu.”

18. Ha Naomi a bona hore Ruthe o tsitlellela ho tsamaya le yena, a se ke a hlola a re letho ho yena.

19. Ba tsamaya bobedi ba bona, ba ba ba ya fihla Betlelehema. Ha ba se ba fihlile Betlelehema, batho bohle ba motse ba ba bokanela, basadi ba kgotsa, ba re: “Na eo ke Naomi?”

20. Empa a re ho bona: “Le se ke la mpitsa Naomi; le mpe le mpitse Mara, hobane Ya Matla wohle o nketseditse tse bohloko.

21. “Ke tlohile mona ke hafa ka nkatana,Morena o nkgutlisa ke itlhophere;jwale le ka mpitsa Naomi jwang,athe Morena o ntswile, o nkahlotse,Ya Matla wohleo ntliseditse matshwenyeho?”

22. Naomi a kgutla tjena naheng ya Moabe, a ena le Ruthe, ngwetsi ya hae ya ba morabe wa Moabe; ba fihla Betlelehema ha ho qalwa ho helwa harese.

Ruthe 1