11. Naomi a re: “Kgutlang hle, bana ba ka! Ke hobaneng ha le rata ho tsamaya le nna? Na ke sa na le bara ba bang ka popelong ya ka, bao e ka bang banna ba lona?
12. Kgutlang, bana ba ka; tsamayang, hobane ke se ke tsofetse haholo hoo nke keng ka hlola ke eba le monna. Haeba ke ne nka re ke sa na le tshepo, mme eba ke nyalwa hona bosiung bona, ke beleha bara,
13. na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hola? Na le ne le tla hloboha lenyalo ka baka la bona? Tjhe, bana ba ka, pelo ya ka e bohloko haholo ka baka la lona, hobane Morena o mphuraletse.”
14. Ba boela ba lla. Orepa a aka matsalae, a kgutlela ha habo, empa Ruthe yena a imamarela ka yena.
15. Naomi a re ho yena: “Bona, ngwetsi eno e kgutletse ho ba habo yona, le ho medimo ya yona; le wena kgutla, o latele ngwetsi eno.”
16. Empa Ruthe a re: “O se ke wa nqobella hore ke kgaohane le wena, kapa hore ke se ke ka tsamaya le wena, hobane“moo o yang tengke tla ya teng,moo o phelang tengke tla phela teng;tjhaba sa henoe be tjhaba sa heso,Modimo wa haoe be Modimo wa ka.