Phallo 9:5-22 BIBELE (SSO89SO)

5. Morena o se a beile nako, a re: “Morena o tla etsa ntho ena hosasane naheng ena.”

6. Morena a fela a etsa ntho ena ka la hosasane; diphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa eshwa, empa ha se ke ha eshwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele.

7. Ke ha Faro a romela batho ho ya bona hore na ke nnete, mme ba fumana ho sa shwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele. Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.

8. Jwale Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ngwathang molora ka seboping, le tlatse matsoho a lona, mme Moshe a o hasetse hodimo, Faro a ntse a tadimile.

9. Molora oo o tla fetoha lerole hodima naha yohle ya Egepeta, mme ha o wela hodima batho le hodima diphoofolo, naheng yohle ya Egepeta, o tla hlahisa lethopa le tla fetoha diso tse phephethang boladu.”

10. Yaba ba ngwatha molora ka seboping, ba ema kapele ho Faro. Moshe a o hasetsa hodimo, mme wa hlahisa mathopa a ileng a fetoha diso tse phephethang boladu bathong le diphoofolong.

11. Dingaka tsa hlolwa ho ema kapele ho Moshe, ka baka la diso, hobane diso di ne di tswile dingaka le Baegepeta bohle.

12. Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boleletse Moshe.

13. Jwale Morena a re ho Moshe: “O tle o tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro, o re ho yena: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: <Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.

14. Ka nako ena ke tla romela diwa tsa ka tsohle ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao; e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang nna lefatsheng lohle.

15. Haeba ke ne ke ile ka phahamisa letsoho la ka, ka o otla hammoho le setjhaba sa hao ka lefu la sewa, o ka be o timetse lefatsheng,

16. empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle.

17. Feela o sa ntsane o ikgantshetsa setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla.

18. Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno.

19. Jwale roma batho ba yo phutha diphoofolo tsa hao, le tsohle tsa hao tse naheng, ba di kwalle, hobane batho bohle le diphoofolo tsohle tse fumanwang di le naheng, di sa phuthwa tsa kenngwa ka ditaleng, di tla tshwarwa ke sefako, mme di tla shwa.> ”

20. Jwale ya tshabang lentswe la Morena, hara bahlanka ba Faro, a balehisetsa makgoba a hae ka matlung, le diphoofolo tsa hae ka ditaleng.

21. Empa ya sa natseng lentswe la Morena a tlohela makgoba a hae le diphoofolo tsa hae naheng.

22. Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, hore ho tle ho ne sefako naheng yohle ya Egepeta; se nele batho, se nele diphoofolo, se nele dimela tsohle tse naheng, mona naheng ya Egepeta.”

Phallo 9