Phallo 9:25-35 BIBELE (SSO89SO)

25. Hohle naheng ya Egepeta, sefako sa ruthutha tsohle tse neng di le naheng, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo; sefako sa ruthutha dimela tsohle tsa naha, le difate tsohle tsa naha, sa di roba dikotwana.

26. Ke seterekeng sa Goshene feela, moo ho neng ho phela bana ba Iseraele, moo sefako se sa kang sa na teng.

27. Yaba Faro o romela batho ho bitsa Moshe le Arone, mme a re ho bona: “Ha e le kajeno ke sitilwe. Morena o lokile; nna le setjhaba sa ka ke rona ba kgopo.

28. Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”

29. Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena.

30. Empa ke a tseba hore wena le bahlanka ba hao le ntse le eso tshabe Morena Modimo.”

31. Motsitla le harese tsa ruthuthwa, hobane harese e ne e se e tswetse, mme motsitla o se o thuntse,

32. empa koro le mabele tsona ha di a ka tsa ruthuthwa, hobane di jetswe morao.

33. Yaba Moshe o tloha ho Faro, o tswa motseng, o phahamisetsa matsoho a hae ho Morena, mme letolo le sefako tsa kgaotsa, le pula ya se ke ya hlola e potlelana.

34. Yare ha Faro a bona hore pula, le sefako, le letolo di kgaoditse, a boela a tswela pele ho etsa sebe. Yena le bahlanka ba hae ba nna ba thatafatsa dipelo tsa bona.

35. Pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a lokolla bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Moshe.

Phallo 9