16. empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle.
17. Feela o sa ntsane o ikgantshetsa setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla.
18. Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno.
19. Jwale roma batho ba yo phutha diphoofolo tsa hao, le tsohle tsa hao tse naheng, ba di kwalle, hobane batho bohle le diphoofolo tsohle tse fumanwang di le naheng, di sa phuthwa tsa kenngwa ka ditaleng, di tla tshwarwa ke sefako, mme di tla shwa.> ”
20. Jwale ya tshabang lentswe la Morena, hara bahlanka ba Faro, a balehisetsa makgoba a hae ka matlung, le diphoofolo tsa hae ka ditaleng.
21. Empa ya sa natseng lentswe la Morena a tlohela makgoba a hae le diphoofolo tsa hae naheng.
22. Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, hore ho tle ho ne sefako naheng yohle ya Egepeta; se nele batho, se nele diphoofolo, se nele dimela tsohle tse naheng, mona naheng ya Egepeta.”
23. Moshe a phahamisetsa molamu wa hae mahodimong, Morena a dumisa letolo, a nesa sefako; mmane wa hlaba fatshe, Morena a nesetsa sefako hodima naha ya Egepeta.
24. Sefako sa na, mmane wa nna wa tsekema hara sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona naheng yohle ya Egepeta, haesale naha eo e eba le baahi.
25. Hohle naheng ya Egepeta, sefako sa ruthutha tsohle tse neng di le naheng, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo; sefako sa ruthutha dimela tsohle tsa naha, le difate tsohle tsa naha, sa di roba dikotwana.
26. Ke seterekeng sa Goshene feela, moo ho neng ho phela bana ba Iseraele, moo sefako se sa kang sa na teng.
27. Yaba Faro o romela batho ho bitsa Moshe le Arone, mme a re ho bona: “Ha e le kajeno ke sitilwe. Morena o lokile; nna le setjhaba sa ka ke rona ba kgopo.
28. Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”
29. Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena.
30. Empa ke a tseba hore wena le bahlanka ba hao le ntse le eso tshabe Morena Modimo.”
31. Motsitla le harese tsa ruthuthwa, hobane harese e ne e se e tswetse, mme motsitla o se o thuntse,
32. empa koro le mabele tsona ha di a ka tsa ruthuthwa, hobane di jetswe morao.