Phallo 9:10-19 BIBELE (SSO89SO)

10. Yaba ba ngwatha molora ka seboping, ba ema kapele ho Faro. Moshe a o hasetsa hodimo, mme wa hlahisa mathopa a ileng a fetoha diso tse phephethang boladu bathong le diphoofolong.

11. Dingaka tsa hlolwa ho ema kapele ho Moshe, ka baka la diso, hobane diso di ne di tswile dingaka le Baegepeta bohle.

12. Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boleletse Moshe.

13. Jwale Morena a re ho Moshe: “O tle o tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro, o re ho yena: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: <Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.

14. Ka nako ena ke tla romela diwa tsa ka tsohle ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao; e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang nna lefatsheng lohle.

15. Haeba ke ne ke ile ka phahamisa letsoho la ka, ka o otla hammoho le setjhaba sa hao ka lefu la sewa, o ka be o timetse lefatsheng,

16. empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle.

17. Feela o sa ntsane o ikgantshetsa setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla.

18. Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno.

19. Jwale roma batho ba yo phutha diphoofolo tsa hao, le tsohle tsa hao tse naheng, ba di kwalle, hobane batho bohle le diphoofolo tsohle tse fumanwang di le naheng, di sa phuthwa tsa kenngwa ka ditaleng, di tla tshwarwa ke sefako, mme di tla shwa.> ”

Phallo 9