Phallo 9:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale Morena a re ho Moshe: “Eya ho Faro, o bue le yena, o re: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: <Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.

2. Haeba o ntse o hana ho se lokolla, o ntse o se thibela,

3. bona, Morena o tla bolaya diphoofolo tsa hao tse naheng: dipere, le ditonki, le dikamele, le mehlape ya dikgomo, le ya dinku, ka lefu la sewa le leholo haholo.

4. Morena o tla kgetholla diphoofolo tsa Baiseraele ho diphoofolo tsa Baegepeta, mme ha ho letho le tla shwa ho tsohle tseo e leng tsa bana ba Iseraele.> ”

Phallo 9