Phallo 8:9-22 BIBELE (SSO89SO)

9. Yaba Moshe o re ho Faro: “Eba mosa ho kgetha nako eo ke tla o rapella ka yona, wena mmoho le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tloswe ho wena, le ka tlung ya hao, di sale ka nokeng feela.”

10. Faro a re: “E be hosasane!”Moshe a re: “A ho be jwalokaha o bolela, e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang Morena, Modimo wa rona.

11. Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale ka nokeng feela.”

12. Yaba Moshe le Arone ba tloha ho Faro; Moshe a ipiletsa ho Morena ka taba ya dihohwana tseo Morena a neng a di rometse ho Faro.

13. Morena a etsa kamoo Moshe a boletseng kateng; dihohwana tsa shwela ka matlung, le mabaleng, le masimong.

14. Ba di bokella, ya eba diqubuqubu, mme naha ya nkga phu!

15. Empa ha Faro a bona hore o imolotswe a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.

16. Jwale Morena a re ho Moshe: “Ere ho Arone: <Phahamisa molamu wa hao, o otle lerole la lefatshe, le fetohe menwang naheng yohle ya Egepeta.> ”

17. Ba etsa jwalo; Arone a otlolla letsoho la hae, a tshwere molamu, a otla lerole la lefatshe, mme menwang ya homela batho le diphoofolo. Lerole lohle la lefatshe la fetoha menwang naheng yohle ya Egepeta.

18. Ka malepa a tsona, dingaka le tsona tsa leka ho hlahisa menwang, empa tsa hloleha; menwang ya homela batho le diphoofolo.

19. Dingaka tsa re ho Faro: “Hona ke monwana wa Modimo.” Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a ba a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.

20. Jwale Morena a re ho Moshe: “O tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng, mme wena o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: <Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa.

21. Empa ha o sa lokolle setjhaba sa ka, ke tla romela diboba ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao. Matlo a Baegepeta a tla tlala diboba, le wona mobu oo a hahilweng ho wona.

22. “ <Mohla letsatsi leo, ke tla sekeletsa setereka sa Goshene, moo setjhaba sa ka se ahileng teng, hore ho sona ho se be diboba; e le hore o tle o tsebe hore ke nna Morena naheng ena.

Phallo 8