1. Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho Faro, o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: <Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa!
2. Haeba o hana ho se lokolla, bona, ke tla otla naha yohle ka dihohwana.
3. Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe.
4. Dihohwana di tla tlolela hodima hao, le hodima setjhaba sa hao, le hodima bahlanka ba hao bohle.> ”
5. Jwale Morena a re ho Moshe: “Ere ho Arone: <Tshwara molamu, o otlollele letsoho la hao hodima dinoka, le hodima matsha, o ntshe dihohwana, di tlale naha ya Egepeta.> ”
6. Arone a otlollela letsoho la hae hodima metsi a Egepeta, mme ha tswa dihohwana, tsa aparela naha ya Egepeta.
7. Ka malepa a tsona, le tsona dingaka tsa etsa jwalo, tsa tlisa dihohwana naheng ya Egepeta.
8. Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”
9. Yaba Moshe o re ho Faro: “Eba mosa ho kgetha nako eo ke tla o rapella ka yona, wena mmoho le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tloswe ho wena, le ka tlung ya hao, di sale ka nokeng feela.”
10. Faro a re: “E be hosasane!”Moshe a re: “A ho be jwalokaha o bolela, e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang Morena, Modimo wa rona.
11. Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale ka nokeng feela.”